Quantcast
Channel: Wits Vuvuzela
Viewing all articles
Browse latest Browse all 4443

Pontso ya difaha e fihlile Wits Art Museum

$
0
0
Mefutafuta ya difaha tse entsweng ke basadi ba Afrika Borwa ka bophara e ilo bontshwa, ena ke mesebetsi ya hotloha dilemong tsabo 1800’s ho fihla nakong tsa hona jwale.

“Ke di jaara tse 20 ho sina pontsho ya difaha mona” hucho Professor Nettleton otswereng Centre for the Creative Arts of Africa.

Masira, dithethana, mabanta le dikobo tsa mefutafuta tse nang le mmala e fapafapaneng ya difaha di a bontshwa ho “The beadwork, Art and The Body”. Difaha tsena ketse entsweng ke basadi hotswa ditsong le meetlong e fapafapaneng.

Basotho ba tsebahala ka dikobo le dikatiba tsa bona tsa setdo,tseo batho bohle ba thabelang ho diapara le ho dirwala.Empa mosebetsi wa difaha oo o entsweng le ke ho rwalwa ke basotho hadi tsebahale haholo, tsena ke mefuta ya difaha tseo basotho ba dirwalang ka mekete e itseng le ha hona le phethong maphelong a bona.Matebele,Mazulu le Maxhoza le bona bana le difaha tsa bona tse ikgethang mme meetso ya tsona le mmala dia fapana hoya ka merabe.Batswana le bona bana le difaha tsa bona tse ikgethileng.

Jwalo ka ka kgwedi ya Phato ele kgwedi ya bomme, dipontsho tsena di bontsha mesebetsi ya basadi eo e neng e nkilwe ke makgowa aneng a batla ho ithuta ka setso le mesebetsi ya matsoho ya merabe e fapaneng.Bongata ba mesebetsi ena ya matsoho haena hlaiso leseding mabapi le le hore di entswe neng le hore di entswe ke  bomang. Ho tsejwa fela hore ke mesebetsi ya bomme ba afrika borwa.

Professor Nettleton ari “ka di tsila tse ngata, mosebetsi wa ho ruka, ine ili mosebetsi wa bo mme”.

Hotloha ka selemo sa 1800 basadi ba Basotho bane bantse ba etsa difaha ka kgalase,letsopa le ka dipatsi mme le kajeno basadi bantse ba ikgabisa ka difaha.Difaha di tsamaisana le maemo, ha osena tsona hao shebahale.Hangata basadi ba tentshwa difaha ha maphelo a bona a fetoha,ho tshwana le ha ngwanana a hola o tentshwa thathana e entsweng ka difaha le tsikitlane.Le ha mosadi a nyalwa o apeswa lesira le nang le difaha bobontsha hore ese ele mme wa lelapa mme leha mosadi a hlokahetse,o iswa lebitleng ka difaha tsa hae.

Difaha tse entsweng ke batjha ba jwalo ka Zanele Mohuli le Andrew Putter dia tholahala pontshong ena. Tsona di fapane le difaha tsa kgale hobane le banna batshwanang le Laduma Ngxokolo, lebona ba etsa mesebetsi ya matsoho e bile ba kopantse mekgabiso ya kajeno le mekgabiso ya kgale.


Viewing all articles
Browse latest Browse all 4443

Trending Articles